Dipesalema 78:17-24 BIBELE (SSO89SO)

17. Empa ba nna ba eketsaho mo sitelwa,ba fetohela Ya Hodimodimo,ba mo fetohelaba le naheng e tshehla.

18. Pelong tsa bona ba leka Modimo,ba batla dijo tseo ba di lakatsang.

19. Ba hanyetsa Modimo, ba re:“Ebe Modimo a ka hla a tsebaho re lokisetsa dijolehwatateng moo?

20. Ke nnete, o ile a otla lefika,metsi a phutsalla,le dinokana tsa phorosela;ebe a ka tseba ho re fa bohobe,le ho fepa tjhaba sa hae nama?”

21. Yare Morena ha a utlwa a halefa,malakabe a mollo a laima,a laimela ba leloko la Jakobo,kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;

22. hobane ba ne ba sa dumele,ba sa dumele ho Modimo,ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.

23. Yaba o laela maru a mahodimo,o bula menyako ya mahodimo;

24. a ba nesetsa mannae be dijo tsa bona,a ba nea koro ya lehodimo.

Dipesalema 78