1. Pesalema ya Asafo, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.
2. Sello sa ka se nyolohela ho Modimo,ke llela ho yena;sello sa ka se nyolohela ho Modimo,o tla ntshekehela tsebe.
3. Mohla ke neng ke le matshwenyehongka batla Morena,ka dula ke phahamisitse matsoho,Ke a phahamisitse hara bosiu,moya wa ka wa hana ho tshediseha.
4. Ka hopola Modimo, ka fehelwa,ka nahana, moya wa ka wa sarelwa.