Dipesalema 72:9-19 BIBELE (SSO89SO)

9. Ba mo lwantshangba ke ba mo kgumamele,dira tsa hae di nyeke lerole.

10. Dikgosi tsa Tarashishele tsa dihlekehlekedi ke di mo nyehelle,dikgosi tsa Sheba le tsa Sebadi mo tlisetse dithelo.

11. Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena,ditjhaba tsohle di mo sebeletse.

12. O tla lopolla mohlokiya llang ho yena,le mohlophehiya hlokang mothusi.

13. Ya fokolang le ya hlokango tla ba utlwela bohloko,a pholose bophelo ba mafutsana.

14. O tla ba lopollaa be lopolle ho ba mamenemene,a ba lopolle le ho ba sehloho,madi a bona e tla ba a bohlokwa,e be a bohlokwa mahlong a hae.

15. A ke a phele!A newe kgauta ya Sheba,a nne a rapellwe ho sa kgaotswe,a nne a bokwe ka matsatsi wohle.

16. Lefatshe le ke le aparelwe ke koro,e ekethehe qhoweng tsa dithaba,tjhai e be jwaloka ya Lebanone;metseng ho tlale batho,ba be jwaloka jwang ba naha,jwang bo tlokomang.

17. Lebitso la hae le se ke la lebalwa,le se ke la lebalwa le ka mohla,le hopolweha letsatsi le ntse le tjhaba.Ditjhaba tsohledi ke di hlohonolofale,di hlohonolofale ka baka la hae,merabe yohlee mmitse ya lehlohonolo.

18. Ho bokwe Morena,Modimo wa Iseraele,e leng yena a inotshiya etsang dimakatso.

19. Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe,le bokwe kamehla le mehla,lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae.A ho be jwalo! A ho be jwalo!

Dipesalema 72