Dipesalema 67:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Ditsela tsa haodi ke di tsejwe lefatsheng,ditjhaba tsohle di tsebehore o a pholosa.

4. Ditjhaba di ke di o boke,wena Modimo,ditjhaba tsohle di o boke.

5. Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse,hobane o ahlola ditjhaba ka toka;ke wena motsamaisiwa merabe lefatsheng.

6. Ditjhaba di ke di o boke,wena Modimo,ditjhaba tsohle di o boke.

7. Lefatshe le bile le tjhai e kgolo,Modimo, Modimo wa rona,o re hlohonolofaditse!

8. Modimo o re hlohonolofaditse,a tshajwe ke bohle lefatsheng,ho isa dipheletsong tsa lona.

Dipesalema 67