Dipesalema 62:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. Mo tshepeng ka dinako tsohle,mo tshepeng lona tjhaba sa heso,mmuleleng difuba tsa lona.Modimo ke setshabelo sa rona.

10. Bafo ke lefeela,marena ke thetso;sekaleng ba bobebe,kaofela ha bona ke lefeela.

11. Se tshepeng ho hanyapetsa batho,se ithetseng ka ho ikgapela maruo,ka ho ikgapela maruo a ba bang;leha maruo a lona a ka eketseha,se beeng pelo tsa lona ho wona.

12. Modimo o buile hanngwe,nna ka utlwa tsena tse pedi:Matla ke a Modimo,

13. ke mohau ke wa hao, Morena;ke wena ya putsang motho,ho ya ka diketso tsa hae.

Dipesalema 62