Dipesalema 59:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. Sebe sa bona ke mantswe a bona,mantswe a tswangmelomong ya bona;ba tshwasweke boikgohomoso ba bona,ka baka la dithohakole wona mashano ao ba a buang.

14. Ba fedise ka kgalefo ya hao;ba fedise, ba se hlole ba eba teng,ba tle ba tsebe horeModimo o a busa,o busa ntlo ya Jakobo,ho isa dipheletsong tsa lefatshe.

15. Kamehla ba kgutla ka phirimana,ba rore sa dintja,ba solle hara motse,

16. ba shote, ba batle dijo,ba komakome ha ba sa kgore.

17. Ha e le nna ke tla bina,ke rorise matla a hao,e sa le hosasa ke tla bolela,ke bolele tsa mohau wa haoke di bolele ka mehoo ya thabo,hobane o bile qhobosheane ya ka,o bile setshabelo sa kamohla tsatsila matshwenyeho a ka.

18. Wena o leng matla a ka,ke tla o roka,hobane Modimoke qhobosheane ya ka,ke Modimo ya nkgauhelang.

Dipesalema 59