12. Hoja ke ne ke lapile,ke ne ke sa tlo o bolella,hobane lefatshe ke la ka,le tsohle tse ho lona.
13. Na ke ja nama ya dipoho?Kapa ke nwa madi a diphooko?
14. Nyehella Modimoka sehlabelo sa teboho,phetha dikano tsa haoho Ya Hodimodimo.
15. Ipiletse ho nnaka nako ya matshwenyeho;ke tla o lopolla,mme wena o tla ntlotlisa.”
16. Empa ho ya kgopo Modimo o re:“O na le tokelo efeya ho bolela melao ya ka,kapa ho boledisa selekane sa ka,o se boledisa ka molomo wa hao,
17. athe o hloile ho kgalemelwa,o lahlile mantswe a ka ho hang?
18. Ha o bona leshodu,o so kgema le lona;o motswalle wa difebe.
19. O dumella molomo wa haoho bua tse mpe,leleme la hao le loha mano.