Dipesalema 5:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. Morena, ako ntataiseka ho loka ha hao,ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng.Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.

10. Melomong ya dira tsa kaha ho nnete e tswang,dipelong tsa tsona di rera ho timetsa,mmetso ya tsonake lebitla le ahlameng,maleme a tsona a monate.

11. Modimo, di ahlolelemolato wa tsona,di we ka baka la merero ya tsona.Di lelekeka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata,hobane di o teletse.

12. Empa bohle ba tshabelang ho wenaba ke ba thabe,bao o ba sireletsangba se kgaotse ho etsa ditlatse,bohle ba ratang lebitso la haoba o nyakallele.

13. Ke wena Morena,ya hlohonolofatsang ya lokileng,o mo sireletsa ka mohau wa haojwalokaha eka ke thebe.

Dipesalema 5