Dipesalema 49:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Mamelang, lona ditjhaba tsohle;sekehang tsebe,lona baahi bohle ba lefatshe,

3. lona bafo le lona marena,lona barui le mafutsana hammoho.

4. Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale,pelong ya ka ke tla nahanatse nang le kelello.

5. Ke tla sekehela maele tsebe,ke tla hlalosa selotho sa kake ntse ke letsa harepa.

6. Nka tshoha eng nakong tse mpe,ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,

Dipesalema 49