Dipesalema 48:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. Modimo o teng matlung a bokgosi,matlung a bokgosi a motse oo,yena o tsejwa e le qhobosheane.

5. Bonang, dikgosi di ile tsa kopana,tsa o futuhela di le mmoho.

6. Tsa o bona, mme tsa hlollwa;tsa ferekana, mme tsa baleha.

7. Tsa tshwarwa ke thothomelo,ya di tshwara hona moo,le bohloko bo kang ba pelehi;

8. jwalokaha moya wa botjhabelao pshatlakanya dikepe,kepe tsa Tarashishe.

9. Seo re se utlwileng re bile re se bonemotseng wa Morena wa mabotho,motseng wa Modimo wa rona,oo Modimo a o tiisitsengka ho sa feleng.

10. Modimo, re hopola mohau wa haore le ka Tempeleng ya hao.

11. Jwaloka lebitso la hao Modimo,thoriso ya hao e fihla jwalo,e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe.Tsoho la hao le letona le tletse toka.

12. Thaba ya Sione e ke e thabe;metse ya Juda e ke e nyakalleka baka la kahlolo tsa hao.

13. Potapotang Sione, le e potolohe,balang ditora tsa yona;

14. elang hloko lerako la yona,rako la yona la tshireletso,hlahlobang matlo a yona a bokgosi,le tle le phetele moloko o tlang,le re:

Dipesalema 48