Dipesalema 45:6-18 BIBELE (SSO89SO)

6. Metsu ya hao e leotsehile,ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao,dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.

7. Terone ya hao, Modimo,ke ya kamehla le mehla,lere la hao la pusoke lere la toko.

8. O rata ho loka, o hloile bokgopo.Kahoo Modimo, Modimo wa hao,o o tlotsitse ka ole ya thabo,ho ena le balekane ba hao;

9. aparo tsa hao tsohledi nonoditswe ka mmira,le ka lekgala, le ka sente.Matlung a kgabisitswengka manaka a tlouho utlwahala harepa tse o thabisang.

10. Kgosatsana di tenghara mafumahatsana,mafumahatsana a hao a lomphehang;mofumahadi o emetsohong la hao le letona,o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.

11. Mamela, morwetsana;bona, o sekehe tsebe;tela tjhaba sa heno le lapa leno,

12. hore kgosi e tle e tjhatjhehele botle,e tjhatjhehele botle ba hao haholo.Kahobane ke yona monga hao,o itihe maotong a yona.

13. Ba motse wa Tireba tla o nyehella ka dimpho,barui ba baditjhababa tla batla thuso ya hao.

14. Kgosatsana e kena e le Seilatsatsi,aparo tsa yona di homilwe ka kgauta;

15. e iswa ho kgosie apere tse mahadihadi.Baetsana ba barwetsanaba tliswa ho kgosi.

16. Ba tliswa ka thabo le nyakallo,ba kena ka tlung ya kgosi.

17. Tulong tsa bo-ntataoho tla dula bara ba hao,o tla ba bea mahosana naheng yohle.

18. Ke tla etsa hore bitso la haole hopolwe ke meloko yohle;ka baka leo, tjhaba di tla o boka,di o boke kamehla le mehla.

Dipesalema 45