1. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.
2. Pelong ya kaho tletse taba tse monate,ke bolelatseo ke di qapetseng kgosi,leme la ka le ka lesiba la sengodi,siba la sengodi se mahlahahlaha.
3. O motleho feta bana bohle ba batho,molomo wa hao o a kgahleha,hobane Modimoo o hlohonolofatsa kamehla.
4. Wena mohale,tlamella sabole ya hao qholong;ka hlompho le ka botlotlehi ba hao,
5. palama, o hlole, o lwanele nnete,le boikokobetso, le ho loka.Tsoho la hao le letonale o etsetse diketso tse makatsang.
6. Metsu ya hao e leotsehile,ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao,dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.
7. Terone ya hao, Modimo,ke ya kamehla le mehla,lere la hao la pusoke lere la toko.