Dipesalema 39:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.

2. Ke ile ka re:“Ke tla hlokomela metsamao ya ka,ke tle ke se ke ka etsa sebeka leleme la ka;ke tla tshwara leleme la kaha ya kgopo a ntse a le pela ka.”

3. Ke ne ke kgutsitse jwaloka semumu,ke thotse;ka baka la katleho ya hae,bohloko ba ka ba nna ba tota,

4. pelo ya ka ya tlallana,ha ke ntse ke fehelwaka tuka malakabe,ka ba ka bua, ka re:

5. “Morena, ako ntsebisepheletso ya ka,le bolelele ba matsatsi a ka;a nke ke tsebehore na bophelo ba kabo feta kapele hakaakang!

6. Bona, matsatsi a ka o a lekantse,o a lekantse ka bophara ba seatla,bolelele ba bophelo ba kahase letho mahlong a hao.Ruri motho ya phelang ke lefeela.

Dipesalema 39