Dipesalema 37:31-40 BIBELE (SSO89SO)

31. Molao wa Modimo wa haeo ka pelong ya hae,maoto a hae ha a thelle.

32. Ya kgopo o laletse ya lokileng,o batla ho mmolaya.

33. Morena a ke kea mo tlohella matsohong a eo,Morena a ke kea dumela hore a ahlolwe,a fumanwe a le molato,ha a qoswa.

34. Tshepa Morena,o tiye tseleng ya hae;o tla o phahamisa,lefatshe e tle e be lefa la hao,mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.

35. Ke bone motho ya kgopo,motho wa mohatelli,a atleha sa fate sa leholela;

36. ka boela ka feta,ka bona a se a le siyo;ka mmatla,a se ke a hlola a fumanwa.

37. Hlokomela ya phethehileng,o tadime ya lokileng:Motho wa kgotsoo tla ba le ditloholo;

38. empa baetsadibeba tla timetswa ho hang,le ditloholo tsa ba kgopodi tla fediswa.

39. Pholoho ya ba lokilenge tswa ho Morena,ke yena setshabelo sa bonanakong ya tlokotsi.

40. Morena o a ba thusa, o a ba lopolla;o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo,a ba pholose,hobane ba tshabetse ho yena.

Dipesalema 37