1. Pesalema ya Davida.Morena,ako lwantshe ba ntwantshang,o futuhele ba mphutuhelang.
2. Tshwara thebe le thejana,o eme, o nthusetse.
3. Nka lerumo le kwakwa,o thibe ba ntlhorisang.Ere ho nna:“Ke nna pholoho ya hao.”
4. Bao ba batlang bophelo ba ka,ba ke ba hlajwe ke dihlong,ba tlontlolohe;bao ba ntherelang bobe,ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane.
5. Ba ke ba tshwane le mmoko,mmoko o fefolwang ke moya,ha lengeloi la Morenale ba kgarametsa.