Dipesalema 34:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.

2. Ke tla boka Morena ka nako tsohle,ke nne ke mo rorise kamehla.

3. Ke ithorisa ka Morena,ba eisehang ba ke ba utlwe,mme ba thabe.

4. A re tlotliseng Morena re le mmoho,a re phafeng lebitso la hae,re le phafe hammoho.

5. Ke ile ka batla Morena,mme a nkaraba,a ntopolla matswalong wohle a ka.

6. Ba tadimang ho yenaba kganya kgotso,mahlong a bona dihlong ha di yo.

7. Motho wa bathoha a ipiletsa ho Morena,Morena o a mo utlwa,o mo pholosamatshwenyehong wohle a hae.

Dipesalema 34