Dipesalema 33:9-16 BIBELE (SSO89SO)

9. O ne a bue, mme tsa eba teng;a laela, mme tsa hlaha.

10. Morena o nyopisa merero ya ditjhaba,o folodisa mehopolo ya merabe.

11. Merero ya Morena e tiile kamehla,mehopolo ya pelo ya haeke ya kamehla.

12. Ho lehlohonolo setjhabaseo Morena e leng Modimo wa sona,morabe oo a ikgethetseng wona,a ikgethela wona ho ba leruo la hae.

13. Morena o tadima a le mahodimong,a bone bana bohle ba batho;

14. a le leahong la haeo sheba baahi bohle ba lefatshe.

15. Ke yena ya bopileng pelo tsa bona,ya tsebang mesebetsiyohle ya bona.

16. Kgosi ha e ke a fenye,ha e ke e fenyeka baka la dimphihadi tsa yona,mohale ha a ke a hlole,ha a ke a hloleka baka la bonatlahadi ba hae.

Dipesalema 33