12. Nna ke sekgoboho dira tsa ka tsohle,haholoholoho bao ke ahisaneng le bona,ke koko ho metswalle ya ka,ba mponang ditseleng ba a mpaleha.
13. Ha ke sa hopolwa;jwalokaha eka ke mofu,ke tshwana le ntho e lahlilweng.
14. Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata,ke tshoswa ka nqa tsohle;batho ba nkunuta ba le mmoho,ba rera ho fedisa bophelo ba ka.
15. Empa nna ke tshepile wena Morena,ke re: “O Modimo wa ka!”
16. Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.
17. Ako bontshe mohlanka wa hao,o mmontshe sefahleho,sefahleho se kganyang kgotso,o mpholose ka mohau wa hao.