Dipesalema 30:3-12 BIBELE (SSO89SO)

3. Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa,ka ipiletsa ho wena,mme wa mphodisa.

4. Morena, o nnyolotseNqalong ya Bafu,wa nkgutlisaho ba neng ba theohela lebitleng.

5. Rokang Morena,lona batshepuwa bohle ba hae,le boke lebitso la hae le halalelang.

6. Kgalefo ya haeke ya motsotswana feela,lerato la haeke la bophelo bohle ba motho.Leha nka robala ka meokgo,ha bo esa e se e le nyakallo.

7. Ha ke ne ke sa iketlile, ka na ka re:“Nke ke ka sisinngwa le ka mohla!”

8. Morena, ka mohau wa haoo ntshireleditse qhobosheaneng;yare ha o mpatela fahleho sa hao,ka tshoha haholo.

9. Ka ipiletsa ho wena Morena,ka etsa thapedi ho Morena, ka re:

10. “O ka ruang ka madi a ka,le ka ho theohela ha ka lebitleng?Na bafu ba ka o boka,kapa ba bolela botshepehi ba hao?

11. Ako nkutlwe, Morena,mme o nkgauhele;Morena, ako be mothusi wa ka!”

12. Bofifi ba ka o bo fetotse mohobelo;o ntlhobodisitse thapo,wa nkapesa seaparo sa thabo,

Dipesalema 30