Dipesalema 27:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa,a ntshireletsemotlotlwaneng wa hae,a mpate motsheo ho tente ya hae,a ntlhwesetsehodima lefika la pholoho.

6. Jwale ke tla phahameladira tsa ka tse ntikileng,ke tla etsa mohoo wa thaboha ke nyehela,ha ke nyehela ka mahlabeloka tenteng ya hae,ke bine, ke roke Morena.

7. Ako nkutlwe, Morena,ha ke ipiletsa ho wena;o nkgauhele, o nkarabe.

8. Pelo ya ka e lohotha wena, e re:“Batla fahleho sa hae.”Ruri ke batla fahleho sa hao,wena Morena.

9. O se mpatele fahleho sa hao;o se halefele mohlanka wa hao,wa mo leleka.Ke wena mothusi wa ka,o se ke wa ntebela;o se ke wa ntahla Modimo,mopholosi wa ka.

10. Leha ntate le mme ba ka ntahla,Morena o tla nthola.

Dipesalema 27