Dipesalema 25:11-19 BIBELE (SSO89SO)

11. Ka baka la lebitso la hao Morena,ntshwarele molato wa ka,hobane o moholo.

12. Haeba ho teng ya tshabang Morena,Morena o tla mmontsha tsela,tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.

13. Eo o tla phela ka boiketlo,lefatshe e tla ba lefala ditloholo tsa hae.

14. Morena ke motswallewa ba mo tshabang,o ba tsebisa selekane sa hae.

15. Mahlo a kaa tadimile Morena kamehla,hobane ke yena ya tshwasollangmaoto a ka lerabeng.

16. Retelehela ho nna, o nkgauhele,hobane ke nnotshi,mme ke hlophehile.

17. Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka,o nntshe makaqabetsing a ka.

18. Tadima ho hlopheha ha kale tsietsi ya ka,mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.

19. Bona kamoo dira tsa kadi leng ngata kateng,le kamoodi ntlhoileng hampe kateng.

Dipesalema 25