Dipesalema 25:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Ditsela tsohle tsa Morenake tsa mohau le botshepehi,ho ba bolokang selekane sa hae,le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.

11. Ka baka la lebitso la hao Morena,ntshwarele molato wa ka,hobane o moholo.

12. Haeba ho teng ya tshabang Morena,Morena o tla mmontsha tsela,tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.

13. Eo o tla phela ka boiketlo,lefatshe e tla ba lefala ditloholo tsa hae.

14. Morena ke motswallewa ba mo tshabang,o ba tsebisa selekane sa hae.

15. Mahlo a kaa tadimile Morena kamehla,hobane ke yena ya tshwasollangmaoto a ka lerabeng.

16. Retelehela ho nna, o nkgauhele,hobane ke nnotshi,mme ke hlophehile.

17. Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka,o nntshe makaqabetsing a ka.

18. Tadima ho hlopheha ha kale tsietsi ya ka,mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.

Dipesalema 25