Dipesalema 25:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.Morena ke o rapelaka moya wa ka wohle,

2. ke rapela wena Modimo wa ka.Ke o tshepile,ke se ke ka hlajwa ke dihlong;dira tsa ka di se ke tsa ntsheha.

3. Bohle ba o tshepangha ba hlajwe ke dihlong,dihlong di hlababa sa tshepahaleng.

4. Morena, mpontshe ditsela tsa hao,o nthute mehlala ya hao.

5. Ntsamaise nneteng ya hao,o nthute yona,hobane wena o Modimoya mpholosang;ke o lebeletse ka matsatsi wohle,ka baka la molemo wa hao Morena.

6. Morena, hopola leratole mohau wa hao,hobane esale o le tengho tloha kgale.

7. Nteballe dibe le ditlolotsa botjha ba ka,nkgopole ka mohau wa hao.

8. Morena o molemo, o lokile;kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.

9. Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,o ruta ba eisehang tsela ya hae.

Dipesalema 25