8. Lefatshe la reketla, la thothomela,metheo ya dithaba ya tsukutleha,ya reketla, hobane a halefile.
9. Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae,mollo o timetsangwa betseha ka hanong la hae,mashala a hlennenga tswa ka ho lona.
10. A phetla mahodimo,a theohela fatshe,leru le letsho le le maotong a hae;
11. a fofa a palame kerubime,a hoballa a le mapheong a moya.
12. Lefifi a le etsa lesira la hae,maru a matsho a dusang pula,wona a a etsa tente ya hae;
13. maru a apolwa ke kganyae mo etellang pele,ha na sefako sa mashala a tukang.
14. Morena a thwathwaretsa,a thwatharetsa a le mahodimong,Ya Hodimodimoa utlwahatsa lentswe la hae;
15. a fula ka metsu ya hae,dira tsa qhalana,a betsa mahadima,mme tsa phasaphasa.
16. Madiba a mawatlea bonahala tlasetlase,metheo ya lefatshe ya phetleha,ha ho omana wena Morena,ha ho foka moyao tswang ka nkong tsa hao.
17. Morena a nnanabela a le hodimo,a nnanabela a ntshwara,a nkinola metsing a lewatle;
18. a nnamolela sereng sa ka se matla,ho ba ntlhoileng,ba neng ba mphekisa.
19. Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka,empa Morena a nthusetsa;