2. a re:Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
3. Morena ke lehaha la ka,ke qhobosheane ya ka,ke monamoledi wa ka.Modimo wa ka ke lefika la ka,leo ke tshabelang ho lona;Morena ke thebe ya ka,ke lenaka la ka le ntwanelang,ke seqhobo sa ka.
4. Ke ipileditse ho Morenaya lokelang ho roriswa,mme ka pholoswa direng tsa ka.
5. Maqhubu a lefu a ne a ntikile,phororo tsa timelo di ne di nkukile.
6. Maraba a lefu a ne a mpotapotile,difi tsa lefu di ne di ntjhehile.
7. Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,ka llela Modimo wa kahore a nthuse;a utlwa lentswe la kaa le ka tempeleng ya hae,sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
8. Lefatshe la reketla, la thothomela,metheo ya dithaba ya tsukutleha,ya reketla, hobane a halefile.