18. a nnamolela sereng sa ka se matla,ho ba ntlhoileng,ba neng ba mphekisa.
19. Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka,empa Morena a nthusetsa;
20. a ntokolla, a mpholosa,a mpholosa hobane a nthata.
21. Morena o mputsitseho ya ka ho loka ha ka,o mpuseleditseho ya ka ho hloka molato ha ka.
22. Ke tiiseditse tseleng ya Morena,ha ke a etsa bokgopo,ka arohana le Modimo wa ka.
23. Ke fadimehetsekahlolo tsa hae tsohle,ha ke a qhelela taelo tsa hae kathoko.
24. Mahlong a hae ha ke na kodi,ke ipolokile ke se na molato.
25. Morena o mputsitseho ya ka ho loka ha ka,hobane o a bona hore ke hlwekile.
26. Ho ya tshepahalang, o a tshepahala;ho ya se nang kodi, o hloka kodi.
27. Ho ya hlwekileng, o hlwekile;empa ho molotsana, o masene.
28. Ke wena ya pholosangsetjhaba se hlophehileng,empa o kokobetsa baikgohomosi.
29. Morena, ke wena lebone la ka,Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka.
30. Ka thuso ya haonka thula dira tsa ka,ka thuso ya Modimo wa kanka tlola lerako.
31. Tsela tsa Modimo di phethehile,tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;yena ke thebeya bohle ba tshabelang ho yena.
32. Modimo ke mang,haese Morena?Lefika ke mang,haese Modimo wa rona?
33. Ke yena Modimo ya mmatlafatsang,ya ntsamaisang tseleng e ntle;
34. ya potlakisang maoto a kajwaloka a dikgama,ya mpeang hodima dihlaba;
35. yena ya nthutang ho lwana,yena ya nthutangho hula seqha sa lethose.
36. O nnea thebe ya hao e pholosang,letsoho la hao le letonale a ntshehetsa,paballo ya hao e a nkgodisa.