Dipesalema 17:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. Ako bonahatse mohau wa hao,mohau o hlollang.Ba balehelang ka tsohong la haole letona,ke wena ya ba pholosangho ba ba tsohelang matla.

8. O mpaballejwaloka thaka ya leihlo la hao;o mpate moriting wa mapheo a hao,

9. hole le ba kgopo ba ntlhekefetsang,hole le dira tse ntikanetseng.

10. Pelo tsa bona ha di na mohau,melomo ya bona e tletse boikakaso.

11. Ba tla ba ntobile,jwale ba nketsetsa sakana-la-nkope,ba ntswepetse mahloho nkgatakella fatshe.

12. Ba jwaloka taue labalabelang ho harola,le jwaloka tawanae bothileng selaong.

13. Thusa, Morena!Ba futuhele, o ba dihe;ka sabole ya haopholosa bophelo ba ka ho ba kgopo;

14. ka letsoho la hao mpholose Morena,mpholose ho batho bana ba lefatshe,bao moputso wa bonao leng bophelong bona.Ba kgorise sa mpanaphatloha,ba kgoriseka tseo o ba boloketseng tsona;le bana ba bonaba tla di kgotsofalla,ba tle ba di sielele ditloholo tsa bona.

15. Empa nna, ha ke se ke ahloletswe,ke tla bona fahleho sa hao;ha ke tsohake tla kgotsofalla boteng ba hao.

Dipesalema 17