1. Thapelo ya Davida.Morena, ako utlwe thapedi ya ka,o mamele sello sa ka;o sekehele thapelo ya ka tsebe,hobane e tswa molomongo se nang mano.
2. A nke ke ahlolwe ke wena,mahlo a hao a bone seo e leng toka.
3. O hlahlobile pelo ya ka,wa ntlhwela le bosiu,wa nnonya,empa ha wa fumana letho le kgopo;ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.
4. Ho ya ka mantswea tswang molomong wa hao,ke qobile mekgwa ya dinokwane.
5. Mehato ya kae latetse mehlala ya hao,maoto a kaha a a ka a kgothometseha.