Dipesalema 147:6-19 BIBELE (SSO89SO)

6. Morena o phahamisa ba eisehang,ba kgopo o ba dihela fatshe.

7. Binelang Morena sefela sa teboho,le roke Modimo wa rona ka harepa.

8. Ke yena ya kwahelang mahodimo,ya a kwahelang ka maru,ya nesetsang lefatshe pula,ya medisang jwang dithabeng.

9. O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona,le madinyane a makgwabaka tseo a di llelang.

10. Morena ha a thabele matla a dipere,ha a kgahlwe ke lebelo la motho;

11. o kgahlwa ke ba mo tshabang,le ba tshepileng mohau wa hae.

12. Tlotlisa Morena, wena Jerusalema,wena Sione, rorisa Modimo wa hao.

13. O tiisitse mekwallo,mekwallo ya dikgoro tsa hao,a hlohonolofatsa bana ba haoba phelang ho wena.

14. O entse hore kgotso e be tengmeeding ya hao,a o kgorisa ka koro e atlehileng.

15. Ke yena ya ntshang taelo ya haee yang lefatsheng,molaetsa wa hae o a potlaka.

16. O kgethehisa lehlwa le kang boya,o etsa hore serame se lale,se ke molora.

17. O hasanya sefako sa haese kang makumane;ke mang ya ka phelanghara mohatsela wa hae?

18. Hang ha a ntsha taelo,di se di qhibidiha.O fokisa moya,metsi a boele a phalle.

19. O tsebisa ba leloko la Jakobo,o ba tsebisa lentswe la hae,le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.

Dipesalema 147