Dipesalema 145:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Batho ba tla bolelakganya ya tlotla ya hao,nna ke nahane dimakatso tsa hao.

6. Ba tla bolelamatla a ketso tsa hao tse tshabehang,nna ke phete tsa boholo ba hao.

7. Ba tla etsa kgopotsoya molemo wa hao o moholo,ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.

8. Morena o mosa,o na le kutlwelobohloko,o dieha ho halefa,o tletse mohau.

9. Morena o molemo ho bohle,lerato la haele aparela mesebetsi yohle ya hae.

10. Morena, mesebetsi yohle ya haoe a o leboha,le batshepuwa ba hao ba a o boka;

11. ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.

Dipesalema 145