Dipesalema 145:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. Morena, mesebetsi yohle ya haoe a o leboha,le batshepuwa ba hao ba a o boka;

11. ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.

12. Ba tsebisa batho bohlediketso tsa bonatla ba hao,le tlotla e kganyangya mmuso wa hao.

13. Mmuso wa haoke mmuso wa kamehla yohle,le puso ya haoke ya meloko yohle.Morena o tshepahaladipolelong tsohle tsa hae,o mohau mesebetsing yohle ya hae.

14. Morena o tshehetsa bohle ba wang,o phahamisa bohleba kgokgopaneng.

15. Mahlo a bohle a lebeletse wena,hore o ba fepe ka nako e lokelang.

16. Ha o fuparolla seatla,o kgorisa tsohle tse phelangka tseo di di lakatsang.

17. Morena o lokileho tsohle tseo a di etsang,mesebetsing yohle ya haeo mohau.

18. Morena o haufile bohle ba mo rapelang,ba mo rapelang kannete.

19. O phetha ditakatsotsa ba mo tshabang,o utlwa sello sa bona,mme o a ba pholosa.

20. Morena o baballa bohleba mo ratang,empa bohle ba kgopo o a ba timetsa.

21. Molomo wa kao ke o rorise Morena;batho bohle ba bokelebitso la hae le halalelang,ba le boke kamehla le mehla.

Dipesalema 145