Dipesalema 139:3-15 BIBELE (SSO89SO)

3. O ntisa ha ke tsamayale ha ke robetse,o tsebisisa metsamao ya ka yohle.

4. Lentswe le eso be teng lemeng la ka,o se o le tseba hantle, Morena.

5. O ntlhahile kamahohle,o beile letsoho la hao hodima ka.

6. Tsebo ena e makatsang e a mpheta;e tebile hoo nke keng ka e fihlela.

7. Nka ya kaeho ipatela moya wa hao?Nka balehela kaeho ipatela sefahleho sa hao?

8. Ha nka nyolohela mahodimong,o teng moo;leha nka theohela Nqalong ya Bafu,le teng o teng.

9. Leha nka adima mapheo a mafube,ka ya aha dipheletsong tsa lewatle,

10. le hona moo letsoho la haole tla ntsamaisa,letsoho la hao le letonale tla ntshwara.

11. Leha nka re:“Ruri lefifi le tla mpata,lesedi le nteetseng harele tla fetoha bosiu,”

12. empa ho wena lefifi hase lefifi,bosiu bo kganya jwaloka letsatsi,lefifi le jwaloka lesedi.

13. Ke wena ya bopilengbokahare ba ka,ya kopantseng ditho tsa kake sa le popelong ya mme.

14. Ke a o boka,hobane o mpopileka mokgwa o makatsang;mesebetsi ya hao e a hlolla,hona ke ho tseba hantle.

15. Masapo a kaa ne a sa pateha ho wena,ha ke ne ke bopjwa sephiring,ke kopanngwa dithoke le botebong ba lefatshe.

Dipesalema 139