Dipesalema 139:14-24 BIBELE (SSO89SO)

14. Ke a o boka,hobane o mpopileka mokgwa o makatsang;mesebetsi ya hao e a hlolla,hona ke ho tseba hantle.

15. Masapo a kaa ne a sa pateha ho wena,ha ke ne ke bopjwa sephiring,ke kopanngwa dithoke le botebong ba lefatshe.

16. Mahlo a haoa mpone ke eso tswalwe;tsohle tsa kadi ne di se di ngotswe bukeng ya hao,le pele ke eba teng.

17. Modimo, mehopolo ya haoe thata hakaakang!Palo ya yonae kgolo hakaakang!

18. Ha nka e bala,e mengata ho feta lehlabathe;ha nka e qeta,o ntse o ena le nna.

19. Oho, Modimo,hoja wa timetsa ba kgopo,hoja ba tshollang madiba suthela hole le nna!

20. Ke ba buang hampe ka wena,ba o lwantshetsang lefeela.

21. Na nke ke ka hloyaba o hloileng, Morena,ka halefela ba o tsohelang matla?

22. Ke ba hloileka lehloyo le phethehileng,le nna ke dira tsa ka.

23. Ntlhahlobe, Modimo,o tsebe pelo ya ka;o nnonye maikutlo,o tsebe mehopolo ya ka;

24. o bone hore na ke tseleng e mpe,o ntsamaise tselengya kamehla yohle.

Dipesalema 139