Dipesalema 119:83-92 BIBELE (SSO89SO)

83. Le hoja ke le jwaloka lekuka,lekuka le ka mosing,ha ke a lebala thato ya hao.

84. Mohlanka wa haoo sa tla phela ho le hokae?Bahlorisi ba kao tla ba ahlola neng?

85. Baikgohomosiba ntjheketse mamena;bona ba sa yeng ka Molao wa hao.

86. Melao ya hao yohle ke ya nnete;empa bona ba ntlhorisa ka mashano,ako nthuse.

87. Ba batile ba ntlosa lefatsheng,empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.

88. Ako nnee bophelo ka mohau wa hao,ke latele ditemosotse tswang ho wena.

89. Morena, lentswe la haoke la mehla yohle,le tiile jwaloka mahodimo.

90. Botshepehi ba haoke ba meloko yohle,o theile lefatshe, mme le tsitsitse.

91. Ho ya ka dikahlolo tsa hao,tsohle di ntse di tiile:Dintho tsohle di a o sebeletsa.

92. Hoja Molao wa haoe ne e se thabo ya ka,nka be ke timeditsweke ho hlopheha ha ka.

Dipesalema 119