Dipesalema 119:81-89 BIBELE (SSO89SO)

81. Moya wa ka o ngongorehelaho pholoswa ke wena,ke tshepile lentswe la hao.

82. Mahlo a ka a motelake ho lebella tshepiso ya hao,ke re:“Ekaba o tla ntshedisa neneng?”

83. Le hoja ke le jwaloka lekuka,lekuka le ka mosing,ha ke a lebala thato ya hao.

84. Mohlanka wa haoo sa tla phela ho le hokae?Bahlorisi ba kao tla ba ahlola neng?

85. Baikgohomosiba ntjheketse mamena;bona ba sa yeng ka Molao wa hao.

86. Melao ya hao yohle ke ya nnete;empa bona ba ntlhorisa ka mashano,ako nthuse.

87. Ba batile ba ntlosa lefatsheng,empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.

88. Ako nnee bophelo ka mohau wa hao,ke latele ditemosotse tswang ho wena.

89. Morena, lentswe la haoke la mehla yohle,le tiile jwaloka mahodimo.

Dipesalema 119