80. Pelo ya ka e ke e phethethato ya hao ka ho tlala,ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong.
81. Moya wa ka o ngongorehelaho pholoswa ke wena,ke tshepile lentswe la hao.
82. Mahlo a ka a motelake ho lebella tshepiso ya hao,ke re:“Ekaba o tla ntshedisa neneng?”
83. Le hoja ke le jwaloka lekuka,lekuka le ka mosing,ha ke a lebala thato ya hao.
84. Mohlanka wa haoo sa tla phela ho le hokae?Bahlorisi ba kao tla ba ahlola neng?
85. Baikgohomosiba ntjheketse mamena;bona ba sa yeng ka Molao wa hao.
86. Melao ya hao yohle ke ya nnete;empa bona ba ntlhorisa ka mashano,ako nthuse.
87. Ba batile ba ntlosa lefatsheng,empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.
88. Ako nnee bophelo ka mohau wa hao,ke latele ditemosotse tswang ho wena.
89. Morena, lentswe la haoke la mehla yohle,le tiile jwaloka mahodimo.
90. Botshepehi ba haoke ba meloko yohle,o theile lefatshe, mme le tsitsitse.
91. Ho ya ka dikahlolo tsa hao,tsohle di ntse di tiile:Dintho tsohle di a o sebeletsa.
92. Hoja Molao wa haoe ne e se thabo ya ka,nka be ke timeditsweke ho hlopheha ha ka.
93. Nke ke ka lebaladitaelo tsa hao le ka mohla,hobane ke ka tsonao nneang bophelo.
94. Ke wa hao, ako mpholose,hobane ke thahaselladitaelo tsa hao.
95. Ba kgopo ba ntaletsehore ba ntimetse,empa ke hlokometseditemoso tsa hao.
96. Ke bonehore tsohle tse phethehilengdi na le bofelo,empa Molao wa hao ha o na moedi.
97. Molao wa hao ke o rata hakaakang!ke o nahana letsatsi lohle.
98. Molao wa haoo ntlhalefisa ho feta dira tsa ka,hobane ke na le wona kamehla yohle.
99. Ke hlalefileho feta bohle ba nthutileng,hobane ke nahana ditemoso tsa hao.