Dipesalema 119:79-90 BIBELE (SSO89SO)

79. Ba o tshabangba ke ba kgutlele ho nna,le ba tsebang ditemoso tsa hao.

80. Pelo ya ka e ke e phethethato ya hao ka ho tlala,ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong.

81. Moya wa ka o ngongorehelaho pholoswa ke wena,ke tshepile lentswe la hao.

82. Mahlo a ka a motelake ho lebella tshepiso ya hao,ke re:“Ekaba o tla ntshedisa neneng?”

83. Le hoja ke le jwaloka lekuka,lekuka le ka mosing,ha ke a lebala thato ya hao.

84. Mohlanka wa haoo sa tla phela ho le hokae?Bahlorisi ba kao tla ba ahlola neng?

85. Baikgohomosiba ntjheketse mamena;bona ba sa yeng ka Molao wa hao.

86. Melao ya hao yohle ke ya nnete;empa bona ba ntlhorisa ka mashano,ako nthuse.

87. Ba batile ba ntlosa lefatsheng,empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.

88. Ako nnee bophelo ka mohau wa hao,ke latele ditemosotse tswang ho wena.

89. Morena, lentswe la haoke la mehla yohle,le tiile jwaloka mahodimo.

90. Botshepehi ba haoke ba meloko yohle,o theile lefatshe, mme le tsitsitse.

Dipesalema 119