60. Ke ile ka potlaka, ka se ke ka diehaho boloka melao ya hao.
61. Le hoja maraba a ntshwasitse,maraba a ba kgopo a ntshwasitse,ha ke a lebala Molao wa hao.
62. Ke tsoha ka seroko ho o boka,ka baka la kahlolo tsa hao,kahlolo tse lokileng.
63. Ke motswalle wa bohleba o tshabang,le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.
64. Lefatshe lohlele tletse mohau wa hao, Morena;ako nthute thato ya hao.
65. Morena, o entse tse molemo,wa di etsetsa mohlanka wa hao,ho ya ka lentswe la hao.
66. Nthute bohlale le tsebo,hobane ke tshepa melao ya hao.
67. Pele ke eso kokobetsweke ne ke kgelohile;jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.
68. Wena o molemo, o etsa tse molemo;ako nthute thato ya hao.
69. Le hoja baikgohomosiba nneta ka leshano,ke tla boloka ditaelo tsa hao,ke di boloke ka pelo ya ka yohle.
70. Pelo tsa bona di tsherehane,empa nna ke thabela Molao wa hao.
71. Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa,ke tle ke ithute thato ya hao.
72. Ho molemo ho nnaho ba le Molao o tswang ho wena,ho ena le ho ba le diketeketetsa tjhelete ya kgauta le ya silefera.
73. O mpopile ka matsoho a hao,wa nnea sebopeho;ako nnee kutlwisiso,ke tle ke ithute melao ya hao.
74. Ba o tshabang ba tla mpona,ba mpone ba thabe,hobane ke tshepile lentswe la hao.
75. Morena, ke a tsebahore dikahlolo tsa hao di lokile;mme leha o nkokobeditse,wena o a tshepahala.
76. Mohau wa hao o ke o ntshedise,ho ya ka tshepiso eo o e entseng,wa e etsetsa mohlanka wa hao.