Dipesalema 119:50-61 BIBELE (SSO89SO)

50. Ho hlopheheng ha kase ntshedisang ke sena:Tshepiso ya hao e nnea bophelo.

51. Baikgohomosi ba ntlaka haholo,empa ha ke furalle Molao wa hao.

52. Morena, ke hopola dikahlolo tsa hao,kahlolo tsa hao tsa boholoholo,mme ke a tshediseha.

53. Ke halefiswa haholo ke ba kgopo,ba furallang Molao wa hao.

54. Thato ya haoke pina ho nna, fatsheng lenaleo ke leng mofeti ho lona.

55. Bosiu ke hopola lebitso la hao,lebitso la hao Morena,mme ke boloka Molao wa hao.

56. Lehlohonolo la ka ke lena:Ke bolokile ditaelo tsa hao.

57. Morena, ke itse kabelo ya kake ho mamela mantswe a haoke a mamele ka hloko.

58. Ke o rapela ka pelo ya ka yohle:Ako nkgauheleho ya ka tshepiso ya hao.

59. Ke hlahlobile metsamao ya ka,mme ke kgutletse tselengeo o mpontshitseng yona.

60. Ke ile ka potlaka, ka se ke ka diehaho boloka melao ya hao.

61. Le hoja maraba a ntshwasitse,maraba a ba kgopo a ntshwasitse,ha ke a lebala Molao wa hao.

Dipesalema 119