Dipesalema 119:33-48 BIBELE (SSO89SO)

33. Morena, nthute ho tsamayaho ya ka thato ya hao,ke tle ke e latele ho isa qetellong.

34. Nnee kutlwisisoke tle ke hlomphe Molao wa hao,ke o boloke ka pelo ya ka yohle.

35. Ntsamaise tseleng ya melao ya hao,hobane ke a e thabela.

36. Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao,ho ena le ho rata maruo.

37. Faposa mahlo a ka,a se ke a bona tsa mafeela,o nnee bophelo tseleng ya hao.

38. Phethisetsa mohlanka wa hao tshepisoeo o e etseditseng ba o tshabang.

39. Ntlose sekgobo seo ke se tshabang,hobane dikahlolo tsa hao di lokile.

40. Ke lakatsa ditaelo tsa hao;ako nnee bophelo ka ho loka ha hao.

41. Morena, ako ntshitseka mohau wa hao,o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao;

42. ke tle ke tsebeho araba ba nnyefolang,hobane ke tshepile lentswe la hao.

43. Nthuse, ke bue nnete feela,hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao.

44. Ke tla nne ke boloke Molao wa hao,ke o boloke kamehla le mehla.

45. Ke tla phela ka bolokolohi,hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.

46. Ke tla bua ka ditemoso tsa hao,ke bue ka tsona kapele ho dikgosi,ke sa hlajwe ke dihlong.

47. Ke thabela melao ya hao,mme ke e rata haholo.

48. Ke tla hlompha melao ya hao,ke nahane thato ya hao.

Dipesalema 119