Dipesalema 119:161-176 BIBELE (SSO89SO)

161. Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka,empa pelo ya kae tshoswa ke lentswe la hao feela.

162. Ke thabela tshepiso ya hao,jwaloka ya fumaneng kgapo,kgapo e ngata.

163. Leshano ke le hloile, ke a le nyonya;Molao wa hao wona ke a o rata.

164. Ke o rorisa hasupa ka letsatsi,ka baka la kahlolo tsa hao,kahlolo tse lokileng.

165. Ba ratang Molao wa haoba na le kgotso e phethehileng,ha ho na se ka ba kgopang.

166. Morena, ke lebeletsehore o mpholose,ke tle ke phethe melao ya hao.

167. Ke latela ditemoso tsa hao,ke di rata haholo.

168. Ke boloka ditaelo tsa hao,le ditemoso tsa hao ke a di boloka,hobane o bona metsamao ya ka yohle.

169. Morena, sello sa kase ke se finyelle ho wena;ako nnee kutlwisisoho ya ka lentswe la hao.

170. Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena;ako nnamoleleho ya ka tshepiso ya hao.

171. Molomo wa kao bolela dithoko tsa hao,hobane o nthuta thato ya hao.

172. Leleme la kale ke le bine tsa tshepiso ya hao,hoba melao yohle ya hao e lokile.

173. Letsoho la hao le ke le nthuse,hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao.

174. Morena, ke lakatsa ho pholoswa,ho pholoswa ke wena;Molao wa hao ke thabo ya ka.

175. A nke ke phelele ho o rorisa,dikahlolo tsa hao di ke di nthuse.

176. Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng;ako batle mohlanka wa hao,hobane ha ke lebale melao ya hao.

Dipesalema 119