Dipesalema 119:157-163 BIBELE (SSO89SO)

157. Ba bangata ba ntlhorisang,le ba ntwantshang ba bangata,empa ha ke furalle ditemoso tsa hao.

158. Ha ke bona bakwenehi ke a teneha,hoba tshepiso ya hao,ha ba e hlokomele.

159. Morena, bonakamoo ke ratang ditaelo,ke ratang taelo tsa hao kateng!Ako nnee bopheloho ya ka mohau wa hao.

160. Nnete ke moko wa lentswe la hao,dikahlolo tsohle tsa haoke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.

161. Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka,empa pelo ya kae tshoswa ke lentswe la hao feela.

162. Ke thabela tshepiso ya hao,jwaloka ya fumaneng kgapo,kgapo e ngata.

163. Leshano ke le hloile, ke a le nyonya;Molao wa hao wona ke a o rata.

Dipesalema 119