Dipesalema 119:148-156 BIBELE (SSO89SO)

148. Ke lala ke fadimehileka nako tsa bosiu,ke ntse ke nahana tshepiso ya hao.

149. Morena, mamela lentswe la ka,o le mameleka baka la mohau wa hao,o nnee bopheloho ya ka kahlolo ya hao.

150. Bahlorisi ba bolotsana ba a atamela,bona ba holehole le Molao wa hao.

151. Wena Morena, o haufi,mme melao yohle ya hao ke nnete.

152. Kgale ke tsebilehore ditemoso tsa haoo di tiisitse, e be tsa mehla yohle.

153. Ako tadime ho hlopheha ha ka,o nnamolele,hobane ha ke a lebala Molao wa hao.

154. Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle;o nnee bopheloho ya ka tshepiso ya hao.

155. Pholoho e holehole le ba kgopo,hobane ha ba batle thato ya hao.

156. Lerato la hao le leholo, Morena;ako nnee bopheloho ya ka dikahlolo tsa hao.

Dipesalema 119