Dipesalema 119:138-144 BIBELE (SSO89SO)

138. Temoso tseo o faneng ka tsonadi lokile, di tshepahala haholo.

139. Tjheseho ya ka e a nqeta,hobane ba ntlhoilengba lebala mantswe a hao.

140. Tshepiso ya hao ke ya nnetenete,mohlanka wa hao o a e rata.

141. Ke monyenyane, ke a nyediseha,empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.

142. Ho loka ha haoke ho loka ha kamehla,Molao wa hao ke nnete.

143. Ke fihletswe ke matshwenyeho,ke fihletswe ke matswalo,empa melao ya hao ke thabo ya ka.

144. Ditemoso tsa hao di lokile kamehla;ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele.

Dipesalema 119