Dipesalema 119:130-140 BIBELE (SSO89SO)

130. Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang manoe ba nea kutlwisiso.

131. Ke ahlamisa molomo wa ka,ke sisa peloke ho labalabela melao ya hao.

132. Retelehela ho nna, o nkgauhele,jwalokaha ho lokelaba ratang lebitso la hao.

133. Matlafatsa mehato ya kaho ya ka tshepiso ya hao,o se dumelle hore ke buswe ke bobe.

134. Ntopolle ho batho ba nkgatellang,ke tle ke boloke ditaelo tsa hao.

135. Ako bontshe mohlanka wa haofahleho se kganyang kgotso,o nthute thato ya hao.

136. Marameng a kaho keleketla dikeledi,hoba ha ho ya bolokangMolao wa hao.

137. Morena, wena o lokile,le dikahlolo tsa hao di nepahetse.

138. Temoso tseo o faneng ka tsonadi lokile, di tshepahala haholo.

139. Tjheseho ya ka e a nqeta,hobane ba ntlhoilengba lebala mantswe a hao.

140. Tshepiso ya hao ke ya nnetenete,mohlanka wa hao o a e rata.

Dipesalema 119