Dipesalema 119:125-131 BIBELE (SSO89SO)

125. Ke mohlanka wa hao,ako nnee kutlwisiso,ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao.

126. Morena, ke nako ya hore o sebetse,hobane ba tlotse Molao wa hao.

127. Ruri ke rata melao ya hao,ke e rata ho feta kgauta,le hona kgauta e hlwekisitsweng;

128. kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle,ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.

129. Ditemoso tsa hao di a tsoteha,ke ka hoo ke di latelang.

130. Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang manoe ba nea kutlwisiso.

131. Ke ahlamisa molomo wa ka,ke sisa peloke ho labalabela melao ya hao.

Dipesalema 119