Dipesalema 119:120-125 BIBELE (SSO89SO)

120. Mmele wa kao thothomela ke ho o tshaba,mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.

121. Ke phethile toka le ho lokileng;o se ke wa ntlohellamatsohong a bahatelli ba ka.

122. Sireletsa mohlanka wa hao,mohlanka wa hao a tle a atlehe,baikgohomosiba se ke ba mo hatella.

123. Mahlo a ka a motelake ho lebella ho pholosa ha hao,le ho lebella tshepiso ya hao,tshepiso ya hao e lokileng.

124. Tshwara mohlanka wa hao hantleho ya ka mohau wa hao,o nthute thato ya hao.

125. Ke mohlanka wa hao,ako nnee kutlwisiso,ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao.

Dipesalema 119