116. Mmatlafatseho ya ka tshepiso ya hao,ke tle ke phele;o se ke wa ntshwabisa,hobane ke o tshepile.
117. Nthuse, ke tle ke pholohe,ke nne ke thabeleho phetha thato ya hao.
118. O nyedisa bohleba kgelohang thato ya hao,hobane masene a bona ke lefeela.
119. Bohle ba lefatshe ba kgopoo ba tadima e le manya,kahoo ke rata ditemoso tsa hao.
120. Mmele wa kao thothomela ke ho o tshaba,mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.
121. Ke phethile toka le ho lokileng;o se ke wa ntlohellamatsohong a bahatelli ba ka.
122. Sireletsa mohlanka wa hao,mohlanka wa hao a tle a atlehe,baikgohomosiba se ke ba mo hatella.
123. Mahlo a ka a motelake ho lebella ho pholosa ha hao,le ho lebella tshepiso ya hao,tshepiso ya hao e lokileng.
124. Tshwara mohlanka wa hao hantleho ya ka mohau wa hao,o nthute thato ya hao.
125. Ke mohlanka wa hao,ako nnee kutlwisiso,ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao.