11. Ke bolokile tshepiso ya hao,ka e boloka ka pelong ya ka,hore ke se ke ka o sitelwa.
12. Ho bokwe wena Morena;ako nthute thato ya hao.
13. Ka molomo wa kake bolela dikahlolo tsohletse tswang molomong wa hao.
14. Ke thabelaho latela ditemoso tsa hao,ho feta maruo wohle.
15. Ke tla nahana ditaelo tsa hao,ke imamelle ditsela tsa hao.
16. Ke thabelaho phetha thato ya hao,nke ke ka lebala lentswe la hao.
17. Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo,ke tle ke phele,ke mamele lentswe la hao ka hloko.
18. Ntutubolle mahlo,ke bone dimakatso tsa Molao wa hao.
19. Ke mofeti mona lefatsheng;o se ke wa mpatela melao ya hao.
20. Moya wa ka o ngongoreheladikahlolo tsa hao ka nako tsohle.
21. O kgalemela baikgohomosi,baikgohomosi ba rohakehileng,ba kgelohang melao ya hao.
22. Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna,hobane ke latela ditemoso tsa hao.
23. Leha mahosana a kopane,a kopanetse ho nthera,nna, mohlanka wa hao,ke nahana thato ya hao.
24. E, ditemoso tsa hao di a nthabisa,ke baeletsi ba ka.