Dipesalema 119:108-118 BIBELE (SSO89SO)

108. Morena, amohela ditebohotse tswang molomong wa ka,o nthute dikahlolo tsa hao.

109. Bophelo ba ka bo kotsing kamehla,empa ha ke lebale Molao wa hao.

110. Ba kgopo ba ntjhehetse leraba,empa ha ke kgelohe ditaelo tsa hao.

111. Ditemoso tsa haoke lefa la ka la mehla yohle,ke thabo ya pelo ya ka.

112. Ke rerile ka pelong ya kaho phetha thato ya hao kamehla,ho e phetha ho isa qetellong.

113. Ke hloile bo-temepedi,ke rata Molao wa hao.

114. O setshabelo sa ka le thebe ya ka,ke tshepile lentswe la hao.

115. Tlohang ho nna,lona ba etsang bobe,ke boloke melao ya Modimo wa ka.

116. Mmatlafatseho ya ka tshepiso ya hao,ke tle ke phele;o se ke wa ntshwabisa,hobane ke o tshepile.

117. Nthuse, ke tle ke pholohe,ke nne ke thabeleho phetha thato ya hao.

118. O nyedisa bohleba kgelohang thato ya hao,hobane masene a bona ke lefeela.

Dipesalema 119